Ke a leboha Motlatsa Sepikara. Letona, ke rata hore o tiisetse Ntlo ena mme o re hlalosetse bohlokwa ba ho sheba mafapha wohle a mmuso. Lebaka la ho shebana le taba ena ya lefapha le hokahaneng kapa le le leng jwalekaha setho se hlomphehang se e hlalosa, ke hore ha re eme re kgone ho sheba mekga kaofela. Ke rata hore o hlalosetse Ntlo ena bohlokwa ba taba ena hobane ke rona Maloko a Palamente a yang letsholong ka ntle. Ke rona ba tsebang hore ho jwang boemong ba bomasepala. Ke rata o ba hlalosetse hore ho bohlokwa ho nka nako re lokisa taba ena hore re se qetelle re etsa diphoso tse ngata. (Translation of Sesotho paragraph follows.)
[Mrs J C MOLOI-MOROPA: Thank you, Deputy Speaker. Minister, I would like you to assure this House and explain the importance of focusing on all government departments - the purpose of dealing with the issue of a seamless department or a single one, just as the honourable member has explained. That is to say, we should be able to look at all departments at once. I would like you to explain to the House the importance of this matter because we are Members of Parliament who go outside for campaigning. We are the ones who know what it's like in the municipalities. I would like you to explain to them that it is important to take time to correct this matter so that we don't end up making a lot of mistakes.]