Ha re sheba ditekanyetso tsa lefapha, re fumana hore lefapha le hlalositse hore ba tlo kenya tshebetsong mananeo a itshetlehileng ho tliseng maemo a betere ditabeng tsena tsa dijo. Re ka qolla lenaneo la Zero Hunger, jwalo ka le leng la mananeo a thehilweng ho fokotsa tlala ka hara naha ya rona. Re thoholetsa lefapha ka mosebetsi oo le seng le o entse ho fihlella hakana ka ho profaela malapa, ho profaela setjhaba, le botjhaba, ho batlisisa baatsi ka maemo a ka hara naha. Leha ho ntse ho na le ba bangata ba lekang ho re suthisa tseleng, feela mosebetsi wa ho tlisa ditshebeletso tsena setjhabeng o se o ntse o phethahetse ho fihlela hakana; mme re a kgotsofala re le ANC. Ke tshepa hore ke ntse ke le nakong. E re ha e le hore ke na le nako, ke leke ho hlalosa hanyenyane hore ... (Translation of Sesotho paragraphs follows)