Ke a leboha Motlatsa Modulasetulo, ho Letona la Sepolesa le Motlatsa Letona le maloko a hlomphehang a Lekgotla la Diprofensi. Qeto eo e ileng ya nkuwa ke baholo ba rona Kliptown ha ba ne ba amohela Freedom Charter e le tokomane ya tataiso ho ANC, ya hore hara tse ding tsa ditseko, ho tla ba le kgotso, polokeho le bophelo bo botle, e ntse e nepahetse le kajeno ha o sheba maemo ao ba bang ba baahi ka hara naha ba iphumanang e le mahlatsipa a diketsahalo tsa ditlolo tsa molao.
Diboka tse fetileng tsa botjhaba tsa ANC ho tloha Mafikeng, Stellenbosch le Polokwane, di hatelletse bohlokwa ba hore ho fetolwe tsamaiso ya sepolesa, ho lekolwe botjha tsamaiso ya toka le tlhabollo ya batshwaruwa ka maikemisetso a hore ho lwantshwe ka matla bosenyi le ditlolo tsa molao.
Ditekanyetso tsena tsa lefapha di etsahala nakong e kgutshwane re sa tswa dikgethong mme twantsho ya bosenyi ke e nngwe ya dintlha tse neng di le sehlohlolong matsholong a dikgetho. Morwalo wa ho lwantsha bosenyi, ke wona o entseng hore batho ba utlwisise hore polokeho le tshireletso ya bona di lokile tlasa puso ya ANC.
Ho na le boikarabelo ba ho fana ka tshireletso ho baahi bohle ntle le kgethollo le ho sireletsa thepa ya naha ena; ho sireletsa ditokelo tsa botho ho ya kamoo Molaotheo o hlalosang ka teng karolong ya bobedi; ho netefatsa tshebedisanommoho pakeng tsa sepolesa le baahi bao se tlamehileng ho ba sireletsa; ho hlompha maikutlo a mahlatsipa a ditlolo tsa molao; ho utlwisisa ditlhoko tsa bona le hore ho be le mokgwa oo ho lekolwang tsamaiso ya sepolesa ka teng.
Dilemong tse hlano tse tlang, ho ya ka manifesto wa ANC, baahi ba tlameha ho nka karolo twantshong ya bosenyi le ho thea dikomiti tsa tshireletso moo ba dulang teng. Ho thaothwe le ho eketsa palo ya sepolesa, ho matlafatswe kwetliso ya sepolesa, ho matlafatswe lekala la diphuputso le bokgoni ba tshebetso ba lekala la mautlwela.
Ditekanyetso tsena di tlamehile ho dumellana le diqeto tsa seboka sa 52 sa ANC sa hore ho nyahlatswe mokgwa wa kgale wa molao le ditaelo sepoleseng ho ya mokgweng wa ho fa baahi karolo tshireletsong ya bona.
Leha ho ena le kgolo le phetoho ho matlafatseng ntwa kgahlanong le bosenyi, ho na le phetoho eo re ipiletsang ho lefapha ka yona hore le ke le lekole ditekanyetso tsa makala a lona, Bongodi le Lekala le Ikemetseng la Ditletlebo, ho ya ka mesebetsi ya ona e fapaneng. Hona ho kenyelletsa le tsela eo ditjhelete di ajwang ka teng diteisheneng tsa sepolesa, dikoloi kamoo di arolwang ka teng le batho ho ya ka bokgoni ba bona ba mosebetsi. Tjhelete e ngata, dikoloi tse ngata le batho ba nang le bokgoni ba bewa sebakeng se le seng, mme mona ekare diteishene tse ding ha di na bokgoni ba ho etsa mosebetsi.
Ho hlokahala ha makoloi nakong eo ho tlalehwang ditlolo tsa molao, e le hobane mapolesa a tjhaile ka dikoloi, di malapeng a bona, ho baka hore ho hlokahale dikoloi tse arabelang tlolong tsa molao. Boholo ba tjhelete ena bo tlamehile ho sebediswa ho hira mapolesa a mangata le hore a lefshwe meputso e metle, haholoholo hobane re ya re tobane le ho tshwara dipapadi tsa mohope wa lefatshe tsa 2010.
Ho a hlokeha hore maemong ana re thoholetse sepolesa sa rona ka mosebetsi o motle oo se o entseng dipapading tsa Confederations mme e se eka ba ka etsa ka matla hobane ka 2010 ho tla batho ba bangata le ho feta. Tshireletso e matla e tlilo hlokeha haholoholo madibohong a rona le boemafofaneng, haholoholo ba O R Tambo.
Ho tshwarwa ha basebeletsi ba South African Airways ka dithethefatsi mose ho pepesitse bohlaswa ba sepolesa sa rona ka hore batho ba tswe ka hare ho naha ba yo tshwarwa hole kwana. Hobaneng ba sa hlokomela hore sefofane seo se setjhwe hantle? Ha o bapisa tshireletso O.R. Tambo International le boemafofane ba dinaha tse ding ka ntle, mapolesa a rona a lokela ho phahamisa mokgwa wa ona wa ho setjha batho ba kenang ka hara naha hore ba se kene le dintho tse sa dumellehang, haholoholo dithethefatsi. Hona ho kenyelletsa le ho lekola boemafofane ka hara naha ho taolong ya bomasepala. Ho a hlokahala hore sepolesa se behe dibaka tseo leihlo.
Moralo wa lefapha o tlamehile hore o hlake hore baithaopi ba thusang sepolesa twantshong ya ditlolo tsa molao ba fuwa morokotso ha ho etsahetse jwang, mme ha ba lefshwe ha ho etsahala eng. Ha se dibakeng kaofela moo baahi ba fumantshwang tshehetso ke borakgwebo kgahlanong le tlolo tsa molao, moo ho bonahalang hore tshehetso e jwalo e teng, batho ba kgothalla ho nka karolo.
Kwetliso ya mapolesa ka tsela e nepahetseng e bohlokwa, haholo ha ba nka ditatamente hore ba se ke ba hlolwa ke dinyewe ha di fihla makgotleng a dinyewe. Kwetliso eo e tlamehile hore e kenyelletse boiphihlelo bo phethahetseng ba ho kganna. Dikoloi di dutse feela diteisheneng tsa sepolesa ka baka la ho kena dikotsing, mme hona ho etsa hore lefapha le lahlehelwe ke ditjhelete ka ho qoswa ke batho bao thepa ya bona e sentsweng ke mapolesa.
Ka baka la ho hloka thepa e tshwanetseng ya ho lwantsha boshodu, maphelo a mapolesa a kenngwa tsietsing, haholoholo hobane ho bakwa ke manyofonyofo a ditjhelete. O fumane bakgothotsi ba hlometse ho feta mapolesa. Re tshehetsa ka hohlehohle ho thehwa le ho kenyelletswa ha lekala la Diphuputso tsa Botlokotsebe bo Sehlohlolong taolong ya sepolesa, mme re se re ntse re ipiletsa hore le se ke la sebediswa hampe ho phethahatsa merero ya boradipolotiki. Ho seng jwalo le lona le tla qhalwa.
Re tshehetsa le mapolesa letsholong la bona la ho lwantsha tlolo tsa molao, le hore ha ho na phoso ka lepetjo la bona la "wa nya tsotsi". Kutlwisiso ya rona ke hore ha batho ba bolaya, ba beta bana, maqheku, bomme ba rona le dikgaitsedi tsa rona, ba re hlokisa kgotso le botsitso. Ha ho na phoso hore ba tsebe hore ba tla nyela. Re a di tshehetsa ditekanyetso tsena tsa lefapha. Ke a leboha. (Translation of Sesotho speech follows.)
[Mr T M H MOFOKENG: Thank you, Chairperson, Minister of Police and Deputy Minister, and hon members of the National Council of Provinces. The decision taken by our elders in Kliptown when they adopted the Freedom Charter as a guiding document of the ANC, mentioning, amongst other demands, that there will be peace, security and prosperity, is still relevant even today when you look at some of the citizens of our country who still find themselves becoming victims of crime.
Previous national conferences of the ANC, from Mafikeng, Stellenbosch and Polokwane, emphasised the importance of the transformation of the police administration, the review of the justice system and the rehabilitation of prisoners with the purpose of seriously fighting crime.
This Budget Vote happens shortly after we have come back from the elections. The fight against crime was one of the issues which were high on the election campaign, and the capacity by government to tackle crime was one of the reasons that people understood that their safety and security is guaranteed under the ANC government.
According to section 2 of the Constitution, the government has the responsibility to provide security to all its citizens without discrimination; to ensure the protection of state property; to protect human rights; to ensure co-operation between the police and the citizens which it is supposed to protect; and to respect the feelings of victims of crime and understand their needs. There should also be mechanisms through which the police can be monitored.
In the next five years, according to the ANC's manifesto, citizens are going to be required to take part in the fight against crime by forming neighbourhood watches in the areas where they live. There should be more recruitment in order to increase the number of police, intensification of police training, improvement of the Department of Criminal Investigations and the efficiency of the Department of Intelligence.
These Budget Votes must concur with the decisions of the 52nd conference of the ANC which took the decision that the old system of management and administration of the Police Service should be discarded in favour of allowing communities to participate in efforts aimed at their own safety.
Even though there is an increase and there seems to be some changes in the commitment to fight crime, there is one matter on which we would like to appeal to the department: it should review its budget for the departments of the Secretariat and of the Independent Complaints Directorate according to the different functions they perform. This includes the manner in which funds are allocated to different police stations; the manner in which the police vehicles are distributed, and certain individuals being appointed according to their abilities. Too much money and many vehicles have been concentrated in one area, and this situation creates the impression that other police stations are incapable of doing their job.
When crimes are reported, the shortage of vehicles because some members of the police go home in these cars, makes it difficult to respond to crime. A large portion of this budget must be used to hire more police and they should be paid well, particularly as we will be hosting the 2010 Soccer World Cup.
It is necessary at this point to commend our police for the sterling job they did during the Confederations Cup and we hope that they will do even better in 2010 because there will be more people coming to our country. Strong security will also be required along our borders as well as our airports, especially at O R Tambo International.
The arrest of employees of SA Airways in possession of drugs has displayed the carelessness of our police as those people were able to leave the country only to be arrested so far away. Why didn't the officials make sure that the aeroplane was searched thoroughly? When one compares security at O R Tambo International with that of other countries' airports, one finds that our police need to improve their method of searching people who come into the country so that they do not enter with illegal goods, especially drugs. This entails the monitoring of the airports in the country as well as airstrips by local municipalities. It is necessary for the police to monitor these areas.
The department's plan must be clear on the circumstances under which volunteers in the fight against crime are compensated or not compensated. It is not in all the areas where the communities are given financial assistance by business sectors in order to fight crime, and it is evident that where such support is available, people are encouraged to participate.
Proper training of police is essential, especially when it comes to taking down statements, so that they do not lose cases in the courts of law. The training should also involve excellent driving skills. There are many vehicles sitting idle at police stations as a result of being involved in accidents. This causes the department to lose a lot of money through being sued by individuals whose property was damaged by the police.
As a consequence of corruption, there is a lack of proper equipment to fight crime, therefore putting the lives of police officers in danger. You find that criminals are more armed than the police. We totally support the establishment and the incorporation of the Directorate for Priority Crime Investigation under the control of the SA Police Service. We make an appeal that it should not be used to further the aims of politicians, otherwise it will also be dissolved.
We support the police in their crime-fighting campaign and see no problem with their slogan of "Wa nya tsotsi" [Shoot to kill]. Our understanding is that if people kill and rape children and the elderly, our mothers and sisters, then there is no problem for them to know that they will also be killed. We support these budget allocations of the department. Thank you.]