Ke a leboha Modulasetulo. Re le Profensi ya Leboya Bophirima re ema mona re rata ho tlatsetsa tekanyetsokabo le ho thoholetsa dikgato tsohle tse nkilweng hore ebe re na le tekanyetsokabo e leng teng. Leha ho le jwalo Modulasetulo, re rata ho hlahisa re le profensi ya Leboya Bophirima tseo e leng diphilello tsa rona lekaleng lena kapa Mafapheng ana a tsa Dipapadi le Boikgatholo, Bonono le Setso.
Ka June 16 re kgonne ho theha porojeke ya Gateway, eo e leng yona e jereng lefa la rona re le batho ba batsho, re le batho ba Afrika Borwa. Ke tseleng e yang Botswana moo re ileng ra kgona ho bona dintho di etsahala. Ho na le diemahale tseo re ka di supang tse emetseng setso sa rona re le Maafrika Borwa. Leha hoja re tla nne re be le ho fokolanyana ka mokotleng, feela re utlwisisisa hore re ke ke ra tlohella porojeke eo hobane ke porojeke ya bohlokwa haholo ho rona.
Re ile ra hlahella re le batho ba babe ha ho ne ho buua ka dipapadi tsa dikolo. Empa re rata ho bontsha kgato eo re e nkileng kamo rao hore re bone phoso eo. Re kopane le Setho sa Lekgotla la Ketsamelao ho tsa Thuto mane Leboya Bophirima, mme re ntse re lokisa leano la hore re fetole tseo tsohle hore re kgone ho lokisa se neng se senyehile. Re kopane hape le marena a rona ho leka hore re ntshetse pele leano leo le kwana mahaeng, le se ke la fella feela ditorotswaneng.
Re tswela pele Ntate, re na le modulasetulo, ho sebetsana le taba tsa ho fetolwa ha mabitso profensing mane. Mme re ikemiseditse hore re theolele mosebetsi oo moo setjhaba se leng teng. Ka Sekgowa re re re batla ho etsa ntho e bitswang "decentralisation".
Kaofela re a tseba hore profensi ya Leboya Bophirima e bile e nngwe ya tse ileng tsa newa monyetla hore di tshware 2009 Confederations Cup, eo re kgonneng ho e tshwara hantle le hoja ho ne ho ena le diphephetso mona le mane. Re batla hore letona le nne le re shebe ha re hlaha pela lona ka tse ding tsa diphephetso tseo re di boneng moo.
Ntshetsopeleng ya talente e leng teng kahara profensi ya Leboya Bophirima lekaleng la tsa bonono le setso, re na le setheo se bitswang Mmabana, seo hawale re lemohileng hore ha se sebetse ka mokgwa oo se tshwanetseng ho sebetsa ka wona. Re dumela hore re tshwanetse ho tsoselletsa mosebetsi wa setheo sena, seo e leng sona se re ntsheditseng dibini tse kgolo tseo re nang le tsona ka hara naha.
Re tswela pele hore bana ba rona ba ithute, mme hore ba ithute ba tshwanetse ba be le moo ba fumanang dibuka tsa ho ikgopotsa dintho tse itseng tseo ebang ba ne ba le siyo ka nako eo di neng di etsahala, le ho bona menahano e fapaneng ya batho. Re tshepa hore ha re ka fihlellisa dilaeborari tsa rona mahaeng re tla be re sebeditse ho menahane. Mme karolo eo ke yona e etsang hore re ikutlwe hore re tshwanetse ho ema mona re re re na le sona seo re seng re se qadile. Mohlomong nengneng re tla kopa tlatsetso ho sona.
Ha ho fihlwa ho tsa Lefapha la tsa Dipapadi le Boikgathollo, ba na le mokotlanyana oo ba re fileng wona hore feela re kgone ho kenyetsa bana bao ba ntseng ba re batlela talente kwana mahaeng, mme bana bana ba shebane feela le tsa dipapadi. Re ne re re Letona la tsa Bonono le Setso ha le ne le ka shebisana le Letona la tsa Dipapadi le Boikgathollo hore ho ka etswa eng hore ba eketse mokotlanyana oo hore bana bana ba se ke ba shebana feela le talente ya tsa dipapadi empa ba shebe le ya tsa bonono le setso, mme ba e tlise ho rona ba e atametse hore re kgone ho ntshetsa mosebetsi pele.
Ka menahano e fokolang ena ka nako e kgutshwanyane re tshepa hore jwalo ka ha ntate ya buileng pele ho nna a se a buile, ho kga moroho ha se ho tlatsa boleke, mme le rona re a dumela hore ho be jwalo feela. (Translation of Sesotho speech follows.) [Ms G PAMPIRI (North West): Thank you, Chairperson. As the North West province we would like to support the Budget Vote and to applaud all the measures that have been taken to ensure that we have it. However, Chairperson, as the North West province, we would like to present our achievements in this Department of Sport and Recreation, Arts and Culture.
On 16 June we were able to establish the Gateway project, which is the archive of our heritage as the black people and citizens of South Africa. It was on the way to Botswana where we were able to see things happening. There are statues that we can point out which represent our culture as South Africans. Even though we still have a shortfall in our budget, we understand that we cannot abandon that project because it is very important to us.
We appeared as bad people when sport in schools was under discussion, but we would like to indicate the steps we have taken after realising that mistake. We met with a member of the Legislative Council of Education in North West, and we are in the process of preparing a policy to change the situation and correct what was wrong. We have also met with our chiefs in order to try to apply the policy further to the villages, so that it is not only applied in small towns.
We continue, sir, together with the chairperson, to deal with the issue of the changing of names in the province. And we intend decentralising the work in order to make it accessible to the people.
We all know that North West was one of the provinces that were given the privilege to host the 2009 Confederations Cup, which we successfully hosted even though there were challenges here and there. We want the Minister to help us when we approach her about the challenges that we have identified there.
In nurturing the talents in arts and culture in the North West province, we have the Mmabana institution, which, in our observation, is currently not functioning in the manner it is supposed to. We believe that we are obliged to revive the work of this institution that has discovered the great musicians that we have in our country.
We continue to say that our children must learn, but for this to happen there must be a resource centre where they can find books that will teach them certain things that probably happened before they were born, and also help them to see people's different views. We believe that if we can make our libraries reach the villages, we shall have done a good job. This is the part that motivates us to stand here and claim that there is something that we have initiated. Maybe in the future we shall ask for additional funds.
Concerning the Department of Sport and Recreation, we have received some funds to give to the children who are scouting for talent in the villages on our behalf, and these children are focusing only on sports. We therefore suggest that both the Ministers of Sport and Recreation and Arts and Culture discuss ways of increasing those funds so that these children do not focus only on sports but also on arts and culture. The funds should be given to us so that we can continue with the work.
With these few ideas within a short period of time, we trust that, as the previous speaker has said, small contributions will result in bigger achievements. We therefore agree that it should be like that.]