Modulasetulo, ke nka motsotso ona ho tlisa matshediso lelapeng la ntate Phungula le motse wa hae o moholo le lelapa le leholo la hae la ANC, ha kajeno tau e kgolo e wele, ha kajeno sefate se seholo se wetse fatshe. Ntate J P Phungula e ne e le ntate ya hlomphehang eo re neng re sebetsa le yena. Ha ke na ho bua ka hore o tswa hokae hobane mokgatlo wa hae o se o buile hore na o tswa hokae. Empa ho rona ba ileng ba atamelana le yena nako le motsotso, e ne e le ntate ya itlhomphang ya hlomphang le batho bohle. E ne e le motho ya sedi ka dinako tsohle komiting eo a sebetsang ho yona. A re ho leng bohlokwa ke hore batho puong ya bona kapa nthong tseo ba di etsang, ebe ba tlisa phetoho maphelong a ba bang, haholoholo maphelong a batho ba hlophehileng.
E ne ele ntate eo e reng ha ho buuwa are: "sekgowa sena se lokile empa ha se sa tsebe ho arabela bofuma ba batho ha se etse letho". E ne e le ntate eo e neng e re ha re tsamaya le yena ka nakonyana e nyane eo a neng a sebetsa komiting ya Public Works, a re thabise hobane e ne e le motho eo oka mo thabelang haholo ha o tsamaile le yena. Motho wa ditshehiso tse ngata empa o ne are ha ho thuse letho hore tjhelete ya balefi ba lekgetho re e sebedisetse ho theosa re nyolosa re sa tsebe ho etsa seo e leng thomo ya rona Palamenteng.
Ke ntate ya neng a tseba hore ka nako eo a neng a lwana o ne a sa lwanele yena le setjhaba sa hae feela empa o ne a lwanela setjhaba sohle sa Aforika Borwa hore e be karolo ya phetoho ya lefatshe. O ne a tiile ka dinako tsohle nthong eo a e emetseng. One a ka bua ka dintho tse pedi feela, e ne e se motho ya buang haholo empa mantswe a hae a ne a phedisa batho bohle ebile a ne a akaretsa diphetoho tsa rona kaofela mona lefatsheng la Aforika Borwa. Ke a leboha. [Mahofi.] (Translation of Sesotho speech follows.)
[Ms C M P KOTSI: Chairperson, I would like to take this opportunity to extend my condolences to Mr Phungula's family, his community and his big family of the ANC, because today the lion has fallen, the big tree has fallen down. Mr J P Phungula was a respected man with whom we worked very well. I will not talk about where he came from because his organisation has already stated this earlier on, but to us who used to be close to him from time to time, he was a self-respecting man who also respected other people. He was always an observant person in any committee he worked for. He always said that what was important was whether what we were saying or doing would bring change in people's lives, especially the poor people.
He used to utter these words when people were discussing matters: "This western culture is good but if it does not respond to the needs of the poor, it becomes useless." When travelling together during the short period that we worked with him in the Portfolio Committee on Public Works, we always enjoyed his company. He had a sense of humour but said that it was not helpful to use taxpayers' money for travelling all over the country without achieving our mandate from Parliament.
He was a man who knew that when he was fighting, he was not only fighting for himself and his community but he was fighting for the whole nation of South Africa to be part of global change. He was always firm in what he stood for. He would only say two things, as he was a man of few words, but his words encouraged everybody and encompassed all the changes in our land of South Africa. Thank you. [Applause.]]