Motsamaisi wa dipuisano, taba ya bohlokwa ke hore ha re keng re bee bana pele. Re ke re tloheleng ho dulela ho inanatha ka ho potoloha ha metjha e fapaneng ya mmuso. Kamehla ho tlalehwa dinyewe tse ka bang mashome a tsheletseng tsa ho betwa ha bana diteitsheneng tse fapaneng tsa mapolesa naheng ena ya haeso. Ebang mekgatlo eo eseng ya mmuso le e meng e sebetsang ka bana e sa kgone ho fumana lesedi lena la bahlekefetsi, sena se bea bana tlokotsing mme sena se bolela hore re tla hlolwa ke ho lwantsha ntwa ya batho ba hlekefetsang bana naheng ya haeso.
Mmuso ke kgale o hulanya maoto tabeng ena, batho ba kgathetse jwale mme seo ba se batlang ke diketso. A molao ona o ke o qale ho sebetsa. Ke mohlolo o moholo hore re bolellwe hore rejisetara ya naha e mabapi le ditlolo tsa diketso tsa motabo e tla fumaneha feela ka selemo sa 2014. Sena se bolela hore ho tla be ho fetile dilemo tse pedi kamora tshepiso e neng e etswe ke Letona hore molao ona o tla ba teng ka Phupjane selemong sena. Taba ena e lokela hore e tshwelwe ka mathe ruri. (Translation of Sesotho paragraphs follows.)
[Mrs S P KOPANE: Chairperson, the most important issue is that we should put children first. We must stop beating about the bush about the different strategies of government. Every day there are about 60 child rape cases that are reported at different police stations in our country. If the nongovernmental organisations and others that work with children cannot find information on these child molesters, this puts the children in grave danger and it also means that we will be unsuccessful in the battle against people who abuse children in our country.
The government has been dragging its feet for too long on this issue and the people are fed up because what they want to see is action. This legislation must start working. It is really shocking to be told that the national register on sexual offenders will only be available in the year 2014. This then means that two years will have passed since the promise was made by the Minister that this legislation will be promulgated in June this year. This matter must be scoffed at indeed.]
Violence against women and children is a scourge in our country. It poses a significant threat to human rights and the development of women and girls. It is clear that women suffer a very high level of sexual assault, rape and domestic violence.
As we embark on activism against women abuse, we must never forget or ignore the fact that our women, mothers, sisters and girl-children are still faced with the challenges of poverty, unemployment and high sexual exploitation. In the workplace in particular, women are expected to provide sexual favours in exchange for better positions and benefits, are abused and used as sex objects and become victims of HIV/Aids.
The DA believes that people cannot take advantage of opportunities if their lives are under siege, if their rights are not respected by fellow citizens or if their vision is limited by fear. Yet the web of terror that crime throws over women and children is so strong and far-reaching that no one is unaffected by it.
Ha ke phethela, ke nako jwale ya hore basadi bohle ka ho fapana, haholoholo ba ditulong tsa boetapele, ba eme mmoho ho netefatsa hore maemo ana a ditaba a a ntlafatswa. Re lokela ho toboketsa bohlokwa ba thuto hore re hlole ho se tsebe ho bala le ho ngola ha basadi le ho se nkelwe hloohong hwa basadi. Re lokela ho tsepamisa maikutlo hodima ntlafatso ya banana le basadi metseng ya mahae.
Re lokela ho lwanela ditokelo tsa basadi le tshehetso malapeng, polokeho le tshireletseho, menyetla le phihlello ditshehetsong tsa bana hore basadi le bona ba ke ba lokolohe. Ba tle ba tsebe ho intshetsa pele ka mokgwa wa porofeshene. Re lokela ho aha Afrika ena kaofela mmoho re le setjhaba hore bana ba rona ba tle ba be le bokamoso bo tjhatsi, mme ebe naha eo e leng hore re le batho re tla hlomphana ka ho sa eng kae. Ke a leboha. [Mahofi.] (Translation of Sesotho paragraphs follows.)
[As I conclude, it is now time for all women in their various leadership positions to stand up together to ensure that this state of affairs is improved. We have to emphasise the importance of education so that we can overcome illiteracy among women as well as the fact that women are not taken seriously. We have to focus attention on the development of young girls and women in the rural areas.
We also have to fight for the rights of women to family support, safety and security, opportunities and access to child support in order for women to be unburdened, so that they can advance in their professional careers. We have to build all of Africa together as a nation so that our children should have a bright future. This should be a country where we always show respect to one another. I thank you. [Applause.]]