Ha ke nke monyetla ona ho dumedisa Motsamaisi wa Dipuisano, ke dumedise Letona le Motlatsa Letona, Matona ohle, ka ho qolleha ntate Kgothule ho tswa mane porofensing ya Foreisetata, ke dumedise maloko a rona a hlomphehang a Palamente. Ke tlotla ho nna ho nka karolo Ditekanyetsong tsena tsa lefapha. Maemo ao batjha ba naha ya rona ba Maaforika ba iphumanang ba le ho ona, a ntse a hlobaetsa ha o a bapisa le a merabe e meng. Moo eleng tokelo merabeng e meng, ho batjha ba rona ba Aforika ke monyetla oo ba e so kang ba o fihlella hohang. Ditekanyetso tsena di tlamehile ho qala tumellanong ya rona hore ngwana e mong le e mong o tswalwa a na le bokgoni ba ntho efe kapa efe ka boemo bo hodimo. Ha feela a ka fuwa monyetla wa ho ipabola le ho fumana kwetliso e nepahetseng.
Re utlwisisa maemo ao re tswang ho ona a kgethollo le kgatello moo Maaforika re neng re sa fumantshwe monyetla wa ho bontsha bokgoni ba rona ka lebaka la maano a kgethollo a mmuso o fetileng. Leha re ke ke ra lebala bohloko ba moo re tswang teng, empa boikarabelo ha jwale bo mmusong wa ANC, ho lokisa moo kgethollo e sentseng teng.
Ngwana e mong le e mong a kgothalletswe ho nka karolo dipapading hobane ho molemong wa bana ho etsa jwalo, le hore dipapading tsa matjhaba ba tla phahamisa lebitso la naha ebe tlotla e kgolo ho rona. Ditekanyetso tsena di tlamehile ho hlokomela ka ho qolleha bohlokwa ba ho bokella batho ba tswang merabeng e fapaneng mmoho, mme ka lebaka la dipapadi merabe e fapaneng e kgona ho ithabisa mmoho.
Monyetla o moholo o tlamehile ho lebiswa dikolong moo bana ba bangata ba dilemong tse tlase ba leng teng. Dikolo di tlamehile ho ahelwa mabala a boikwetliso le boithapollo, mme mesuwe e lokela ho fuwa kwetliso ya maemo a hodimo e tla ba fa tsebo e tjhatsi ya ho hlwaya le ho kwetlisa bana ba nang le thahasello. Mefuta e fapaneng ya dipapadi e tlamehile ho rutwa bana ba sa le dilemong tse tlase hore ha ba ntse ba hola, ba bontshe bokgoni le boiphihlelo dipapading tseo ba di rutuweng. Mabala ana a boikwetliso a tlamehile ho ba teng le dibakeng tsa mahae hore le bona, ba se ke ba lebalwa. Bana ba sa itekanelang le bona ba tlamehile ho fuwa monyetla wa ho nka karolo.
Ditjhankane tsa rona di tletse bana ba banyane mme ba fetohile mashodu hobane ho se letho leo ba le etsang le ba tswelang molemo. Mananeo a tlhabollo ditjhankaneng a tlamehile ho kenyelletsa kwetliso le thuto ya dipapadi. Sena, se etswe e le hore ba tloswe mekgweng e mebe e sa lokang, ba tsebe ho iphedisa ka dipapadi. Ntle le dipapadi tse kotsi bakeng sa bona tse jwaloka, ho sesa, kolofo, kerikete, ditebele, karate le tse ding.
Ho bohlokwa hore ditekanyetso tsena di kenyelletse dipapadi tsa setso. Setso sa rona se ruile dipapadi tse ngata tse thabisang, tse ka thusang bana ba rona ho ba ntsha mekgweng ya boshodu le ho ba tataisa ba sa le dilemong tse tlase, jwaloka morabaraba, kgati, diketo, molamu, dibeke, tshipo, ho tsoma, mokgibo le tse ding. Ke tse ding tsa dipapadi tse ngata tsa setso tseo re ka di bontshang baeti ba tlileng ho tshehetsa mohope wa lefatshe.
Naha ya rona e bile le monyetla wa ho tshwara dipapadi tsa matjhaba e leng rakebi, kerikete, mohope wa kolofo ya basadi, mohope wa kopanelo wa dinaha tsa Aforika le mohope wa Fifa wa lefatshe. Re thoholetsa mmuso wa rona ka dithuso tsa ditjhelete tse entseng hore ho ahwe mabala a bolo le ho lokisa a mang a ntseng a le teng, ho lokiswa le ho ahwa botjha ha boemafofane le mebila. Tse ding tsa dintho le ha re eso ka re di fihlella, re tshepa hore re tla di fihlella.
Re kopa sepolesa ho fana ka tshireletso e nepahetseng ho baeti ba rona. Ho kwalla ditlokotsebe tse tla beng di hweba ka batho, dithethefatsi le dintho tsohle tse sa lokang tseo e leng tlolo ya molao. Re tshepa hore re tla ithuta dintho tse ngata mohopeng ona wa lefatshe mme ho baahi ba naha ena re re: "Tshireletso ya baeti ke boikarabelo ba rona baahi, ka tshebedisanommoho le sepolesa".
Re leboha le bahlophisi ba mohope ona hore o tle mona naheng ya rona re sa ntse re phela, mme re re: "E utlwe, e mona".
Ha ke tla dihela dikgala, Motsamaisi wa Dipuisano, ho Bafana Bafana ke re, le lwane ya sedula matswapong, le lwane kgakgaulane molamu wa tshepe. Re tlo le tshehetsa ho fihlela motsotsong wa ho qetela. Ya kgaola ya ya. ANC e tshehetsa Ditekanyetso tsena. Ke a leboha Motsamaisi wa Dipuisano. [Mahofi.] (Translation of Sesotho speech follows.)
[Ms M L MOSHODI: Let me take this opportunity to warmly greet the hon Chairperson, Minister and Deputy Minister, all the delegates, especially hon Kgothule from the Free State province, and Members of Parliament. It is a great honour for me to take part in the Budget Vote debate of this department.
The situations in which our African youth find themselves are still a cause for concern when they are compared to their counterparts from other races. That which was a right for other races is a privilege for our African youth, a privilege that they have not achieved yet. This Budget Vote should complement the view that every child has the ability to be anything extraordinary in life if they are given the opportunity and necessary guidance to prove themselves.
We understand the conditions we have gone through of discrimination and oppression where we as Africans were not given the opportunity to show our capabilities because of the apartheid government. It is presently the responsibility of the ANC government to repair the damage caused by apartheid, although we won't forget the pain of where we come from.
Every child must be encouraged to take part in sport because it is to their advantage to do so, and they would be promoting the country in international sport and this would then be an honour for us. This budget must address specifically the importance of bringing people of different races together and allowing people to celebrate because of sports. Many opportunities must be created in schools where a lot of young people remain. Sport and recreational facilities must be built at schools and teachers must be given adequate training of a high standard to enable them to identify learners who have potential. Learners must be taught different types of sports while they are still young so that they can show their ability in sport as they grow up. These training facilities must be made available in rural areas so that the people there are not forgotten. Disabled children must also be given the opportunity to take part.
Our prisons are full of young children who have become criminals because there is nothing they can do that is beneficial to them. Correctional programmes in prisons must include training and sport education. This must be done to keep them out of trouble and to teach them to make a living out of sport, with the exception of dangerous sports such as swimming, golf, cricket, boxing, karate and others.
It is important for this budget to include cultural activities. Our culture has a number of entertaining sports, which can help keep our children away from criminal activities and guide them from a young age, such as morabaraba [African board game], skipping, diketo [game played by putting stones in a hole], stick fighting, dibeke [game played with tins and a ball], tshipo [jumping kangaroo game], hunting, mokgibo [Basotho women dancing on their knees] and others. These are just some of our many cultural sports that we can show visitors who come to support the World Cup.
Our country has the opportunity to host international sports events with regard to rugby, cricket, women's golf, the African Confederation Cup and the Fifa World Cup. We commend our government for making budget allocations that enabled the construction and renovation of soccer stadiums, airports and roads. Even if we have not been able to achieve some of the things yet, we trust that we will.
We plead with the police to provide the necessary safety for our visitors. They should arrest those involved with human trafficking, drugs and everything that is illegal. We hope that we will learn a lot from the World Cup and we say to the citizens of this country, "The safety of our visitors is the responsibility of us all, in co-operation with the police".
We also thank the organisers of this World Cup for bringing it to our country while we are still alive, and we say: "Feel it, it is here".
In conclusion, Chairperson, I would like to say to Bafana Bafana, they must go and fight these battles, they must fight until the very end. We will support them until the last minute. The ANC supports this Budget Vote. Thank you, Chairperson. [Applause.]]