Motsamaisi wa dipuisano, re le ba mokga wa Pan Africanist Congress of Azania, thapameng ya letsatsi lena mmoho le ba lelapa la Ntate Joe Mathews re bina kodiyamalla hobane re lahlehetswe ke mohale hara bahale, sekwankwetla hara dikwankwetla. Ntate Mathews e ne e le mohlalefi ya neng a le sehlohlolong se hodimodimo nalaneng ya naha ya rona. Ka dithuto ebile senatla sa monna wa Moafrika. Lefu la hae le re amme bohle. Bokgabane ba hae bo re tswalletse melemo e mengata. Ho ntwa ya tokoloho le topollo Ntate Mathews e ne e le makatolle a kgoro dikatilwe. Lejwe la moremaphofu. Motheo wa moralla. Mohlabani ya sebete sa tau. Tabatabelo ya rona ke hore, e ka re kgweding ena ya bomme, bomme ba Afrika ba ka re tswalla bahale ba kang enwa ntate Mathews.
Ho mokgatlo wa IFP re re tshedisehang hle, ba mphato. Le thobe bohloko bo le ammeng, ka tsebo ya hore lefu ke ngwetsi ya malapa ohle. Helehelele! baheso Maafrika, enwa motho ha se sebata fela, ke sebatahadi sa nnete ya koma. Se le dinaleng tsa baikgapedi setjhaba, sa e bona pholoho ka enwa thaka mphato ya Maafrika. Ho bua ho feta mona ka ntate Mathews e ka ba ho qhaqha mabitla. Ya kgaola ya ya! [Applause.] (Translation of Sesotho speech follows.)
[Mr L M MPHAHLELE: Speaker, we, as the Pan Africanist Congress of Azania, together with the family of Joe Matthews, are mourning this afternoon because we have lost a warrior amongst warriors, a hero amongst heroes. Hon Matthews was a wise man who was well placed in the history of our nation. He was an achiever in his studies, a great African man. His death has affected all of us. His greatness has made it possible for us to have many opportunities. In the fight for freedom, hon Matthews was the one who opened closely guarded doors. He was as solid as a rock. He was the eye of the storm. He was a fighter who was as brave as a lion. Our wish during this Women's Month is for African women to give birth to heroes that are like hon Matthews.
We pass our condolences to our colleagues in the IFP. Nurse your pain knowing that death can happen to anyone. Indeed, fellow Africans, this person was not just a hero, he was a great hero indeed. When the nation was in danger, it was freed by this great African. To talk more about hon Matthews than I already have will be like a desecration. Thank you!] [Applause.]