Ke a leboga Modulasetilo. Ke botsa gore a sentlesentle mo, a re nale batho ba tshwanang le Baganka ba Sesole,
ba ba lekileng ka maatla go kopa yona tshegetso e ya kgwebo potlana go feta dingwaga dile 20, mme ba ntse ba sa bone thuso. E le gore e fiwa batho ba ntseng jang ka gonne batho bao ga ba bone sepe?
LETONA LA NTSHETSOPELE YA DIKGWEBO TSE NYANE: Ke a leboha. Le tla
lemoha hore Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane e na le mengwaha e mehlano fela e qadilwe. Jwale, ekasebe hore batho ba entseng dikopo tsa tjhelete dilemong tse 20 tse fetileng lefapheng lena ha ba so fuwe letho.
Jwale, ho batho ba sa fuwang tjhelete, e ka nna yaba lefapha le ne le qala ho thehwa ka nako eo, empa nna ke a tseba hore ho na le letlole le ikgethileng le fuwang dikgwebo tsa di mekaubere ya sesole. Ke ka hoo hona jwale re boletse hore re batla ho tsebisahatsa foromo ya dikopo tsa tjhelete e tshwanang ka hohle hore ho be bobebe hore ba kenye dikopo tsa bona.
Hakere ka nako enngwe mohlomong ba hlolwa ke ho tlatsa foromo ya kopo e nepahetseng, ebe ha ba tlatse tsona. Ka hoo, re entse hore e be foromo ya kope e bonolo hore mang le mang a kgone ho e sebefisa, ba kgone ho etsa kopo ya tjhelete ya letlole leo. Hape seo ke se boletseng ke hore ha re sa batla ho phephetha kapa ho hana ho fa
batho tjhelete ha e le teng ka taba ya hore foromo ha ba e tlatsa hantle.
Re batla ho phephetha dikopo hobane mohopolo wa kgwebo ya bona e se mohopolo o hlwekileng, le ha a ka kenya kopo ka Setswana kapa, Tshivenda, kapa Xitsonga, re batla ho mo thusa hore a kgone ho tlatsa foromo ka tsela e tshwanelehileng hore a kgone ho fumana tjhelete. Hakere di foromo re tshwanetse re di tlatse ka lebaka la taolo, hore Mohlahlobi-Kakaretso a tsebe hore re tlatsitse diforomo, ebile di fihlella maemo a bapisitsweng a molao. Ke a leboha.
Business concluded.
The Council adjourned at 16:11 -----------------------