Modula setulo, bomphato, le maloko a kgethehileng, e re ke qale ke tshwaele, ke bolele hore tshitsinyo ena ya molao eo re e etsang kajeno tjena re ile ra tsamaya nako e telele re ntse re utlwa maikutlo a batho hore na polokeho e mabaleng a dipapadi le tshireletso ya setjhaba na ke ntho ya bohlokwa na? Ntho ena e ile ya bonahala, Modula setulo, ka lebaka la dintlha tsena tseo letona a ileng a bua ka tsona. Ha re hopola hantle ka la 13 Pherekgong ka 1991, ho ile ha hlokahala batho ba 42 mane lebaleng la dipapadi le neng le bitswa Oppenheimer le mane Orkney, kajeno le tsejwa ka hore ke James Motlatsi.
Batho ba 180 ba ile ba lemala haholo mme ba robedi ba ile ba hlokahala hamoraonyana ba le sepetlele. Koduwa ena eo letona le buang ka yona ya Ellis Park e ileng ya hlaha mme hwa hlokahala batho ba 43, taba eno ha se taba e hlahellang feela kwano mona ho rona Aforika Borwa ke kobo anela mafatsheng a seng a ntse a hodile le mafatshe a thuthuhang a tshwanang le ana a rona.
Haeba le hopola hantle taba tsena tse tjena di ile tsa etsahala ka la 9 Motsheanong ka 2001 mane Ghana motseng wa Accra moo ho ileng haeba le koduwa, ha hlokahala batho ba 130 ka lebaka la koduwa eno; le Abidjan e ile ya etsahala taba eno. Maobanyana mona e ile ya ka ya etsahala taba ena ya hore ho be le ditsitsipano le dintwa ha re fihla mane Newlands. Ho ne ho ena le papadi mahareng a Kaizer Chiefs le Ajax, teng re ile ra bona batho ba tsumula ditulo ha se seng sa dihlopha se se se otla fatshe ka hlooho.
Ke moo re ileng ra bona batho ba se ba ntse ba ntsha ditulo moo mme thepa e senyeha ka tsela e jwalo. Empa ntho eo Kabinete e fetileng e ileng ya e etsa ke hore ba batle ho tseba hore na ekaba sesosa sa taba tsena tsa batho ba hlokahalang ba le bangata hakanakana moo ho nang le dipapadi teng le boithapollo ke sefe? Ka hoo Kabinete ya ntate Mbeki ya kopa hore e mong wa baahlodi ba tsebahalang e leng ntate Ngoepe ebe yena ya etellang khomishene ena pele.
Tseo a ileng a di fumana ntate Ngoepe ke tse ileng tsa etsa hore ho qetellwe ho etswa molao ona, ka hobane mane Ellis Park ho ne ho rekiswa ditekete, Letona. Ntho ya ho rekisa ditekete lebaleng la dipapadi ka letsatsi la papadi, ke e nngwe ya dintho tse ileng tsa fumanwa e le mathata moo, hobane ka monyakong ona batho ba a kena ha ka monyakong o mong ho rekiswa ditekete. Ebe ha sehlopha se seng se se se otla ntlha kapelenyana moo bana ba ntseng ba reka ditekete teng; ba se ba ntse ba sututsa ba bang ba bona ebe ho a rojwa moo hore ba kene e le ha ba tatetse ho kena ka hare ka mane ho bona hore na batho bao ba ketekang kahare sehlopha sa bona ke sefe se hlolang. Ntlha eo e ile ya fumanwa e le yona ya bohlokwa mme le Ellis Park e ile ya nna ya eba yona e ka sehloohong.
Molao ona o entsweng wa sehlongwathiswa sena o re, ho ke ke ha rekiswa ditekete ka letsatsi la dipapadi. Haeba ditekete di lokela ho rekiswa ka letsatsi la dipapadi di lokelwa ke ho rekiswa kilomitara e le nngwe hole le moo dipapadi di tshwaretsweng teng. Lebaka e le hore ha o qeta ho enka moo boholong boo ba kilomitara, o tsamaye nako e telele o le mong hore o tle o kgone ho kena lebaleng.
Re se ke ra kenya batho ka lehlakoreng lena ha ka mane batho ba ntse ba reka ditekete ho qetelle ho bile le tshubuhlellano eo ereng ha ntlha e kene ebe batho ba tloha moo ba kena ka lehlakoreng le leng. Ntlha eo re ile ra e tjhaela monwana yaba ho dumellanwa ka hore kilomitara ho tloha lebaleng e lokile. Ha o rekile tekete, 'tekete letsohong' o tla tsamaya kilomitara ha feela o rekile tekete ka letsatsi la papadi, empa ka ho otloloha ditekete di rekwe pele ho letsatsi la dipapadi.
Ha re fihla mane Ellis Park e nngwe ya ditshisinyo tse ileng tsa fumanwa ke moahlodi enwa ke hore, Letona la Dipapadi, ntate Makhenkhesi, ho na le mathata bakeng sa batho bana ba tlang dipapading, hobane ba bang ba batho bana ba emisa dikoloi tsena tsa bona feela kahara tsela moo e reng haeba ho na le mathata a hlahelang a koduwa ka hara lebala la papadi ebe eba dikoloi tsa mapolesa le dikoloi tsa thuso ya tshohanyetso ha di kgone ho kena kahara lebala. Batho bana ba nkile dikoloi tsena tsa bona tsa di 4x4 ba di emisitse kahara tsela mme ha ho moo batho ba ka tsamayang teng.
Taba eo e ile ya fihla moo e leng hore mapolesa a neng a thusa ho pholosa maphelo a batho ba lokela ke ho sebedisa serwalankgwana ho tloha Brixton. Ba fihle ba theolwe ka kgwele e ba leketlisang hore ba kgone ho ilo thusa batho ba kahare. Lebaka e le hobane le moo serwalankgwana se neng se lokela ho emisa teng batho ba ne ba emisitse dikoloi tsa bona teng; ke bolela moo helikoptara e emang teng ka Sesotho sena sa lona sa mona makgoweng, e bitswa serwalankgwana.
Ka hona, molao ona o re haeba batho ba emisitse kahara tsela, ebile ba emisitse moo ho lokelang ho ema dikoloi tsa tshohanyetso kapa serwalankgwana, re na le matla a ho nka dikoloi tseo tsa bona ka ho kopa mapolesa hore a di nke e le hore beng ba tsona ba tsebe ho lefa. Ha ho ka etsahala hore ho be le batho ba lahlehelwang ke maphelo a bona e le hobane batho ba sitisitse thuso ho kena kahare moo ho nang le koduwa teng.
Re a e kgothalletsa ebile re e bitsa "the shaver cloth". Ho na le mme e mong wa DA ya neng a bitswa Mme Shaver, o ne a kgothalletsa ka ho toba hore ho nkuwe mehato e matla kgahlano le batho bana ba iketsetsang boithatelo ba ho emisa ka ho kwala tsela hore maphelo a batho a se ke a kgona ho pholoswa.
Molawana ona o lokisa ditaba tseno tsa hore ho be le maemo a tsitsitseng ha re fihla dipapading. Le batho bana ba tshwanang le Piet Van Zyl. Ho na le monna e mong ha ho ne ho bapalwa dipapadi tsa rugby Kwazulu Natal, eo a ileng a tlolela feela kahara lebala a lelekisa molaola papadi a ba a mo roba letsoho.
Ke dintho tseo tse jwalo, mme ho lokela le hore ho thibelwe le batho bana bao e reng ha ba se ba nwele bona bo monate, ebe ba etsa ditaba tsena tse jwalo ka tseo. Batho bana bao ho thweng ke babohi bana ba hlanyang ebe ba kgona hore ba ka thijelwa hore ho hang feela ba se hlole ba dumellwa ho tla dipapading haeba ba kgona ho etsa ditaba tseo tse jwalo, hobane bona ha ba batle ho bapala ba tlisa feela ho tlo senya, ke bo masenya. Molao ona o bua le bona batho bana ba kang bo masenya ba jwalo.
Motsamaisi wa Dipuo, ho na le ntho e nngwe ya bohlokwa eo ho buuwang ka yona mona ya hore ha re le mane madulong a rona a dipapadi, re qhanollotse, ho na le jwala bo bongata bo nowang moo. Jwale molao ona ore haeba batho ba tlile dipapading, hobaneng le ba fa kgaeyane hakanakana hore ba qetelle ba sa kgone ho tsamaya? Ha ba eya hae ba kopana le sepolesa tseleng se ba emisa ebe ba hlahela eka ba fuwe jwala lebaleng la dipapadi.
Molao ona ore ho tla ba le tsela eo ka yona batho ba tlang ho dumellwa ho nwa dinomaphodi tsa bona ka yona. Metsotsong ya karolo ya kgefutso ho tla bulelwa dinomaphodi, mme ka mora moo ha dipapadi di fedile ha ho na dinomaphodi tse tla nwellwa moo.
Bana ba lakatsang hore ba phomosetswe ka dinomaphodi tsa mofuta o jwalo, ba tla palama dipalangwang tsa bona, ba ye hae mme ba se ke ba fumana dino tse jwalo dipapading moo e tla re ha ba le tseleng ya ho kgutlela hae ebe ba a tshwarwa; rona re re ba ne ba tswa dipapading. Ba ile ba fumana ntho ena e ba etsang hore ba se ke ba tsitsa maemong, hobane ba e nwele lebaleng la dipapadi. Molao ona o thibela dintho tse kang tseo.
Ntlha e nngwe ya bohlokwa eo molao ona o buang ka yona ke hore haeba batho ba na le mathata a dika tsohle tsa molawana ona o sisinngwang kajeno tjena, ho na le ntho e bitswang ka sejahlapi ka hore ke 'Appeal Board'. Re ile ra buisana ka 'Appeal Board' ena Letona, hore e lokela ho ba le ditho tse supileng mme ba bararo ba bona e tla bona bao Letona le tla ba kgetha ka bolona. Re kopile hore o nehele moo Letona hore ba bararo ba mpe ba tswe ho wena, Modulasetulo le Motlatsi wa Modulasetulo le a le mong ya nang le boiphihlelo bo mabapi le tseo o labalabelang ho di fumana sebakeng sa tseo o batlang hore di fumanehe ka di 'Appeal'.
Ntho e nngwe eo re ileng ra e theola, mongaka, ka molao ona, molao o re batho bana ba rona ba ithutileng molao, ba be le boiphihlelo 'experience' ya dilemo tse hlano, jwale re ile ra theola dilemo hobane rona mona mokgatlong wa ANC re etsa ntho ena ya hore re hlabolle re 'transform'. Re re empa motho enwa o ile sekolong dilemo tse ngata mme ke 'Advocate' jwale, ha a eya mono 'Appeal Board' lebaka ke lefe la hore a boele a etse dilemo tse hlano tsa tshebetso a qala le ho fihla a etswa sekolong a eso sebetse.
Ka tsela eo ra kopa hore a re theoleng dilemo re di ise fatshe ka lebaka la hore bana ba batshonyana ba rona ba tla kotelwa ke taba eno, kahona re kgone hore le bona ba kene ba ithute, ba be le boiphihlelo. E tle e re ka letsatsi le leng, le bona ba kgone ho fihlella maemo ao bao ba leng ho ona. Ka hona re ile ra e theola mongaka ra e isa dilemong tse pedi hore le bana ba rona ba tsebe ho fihlella moo. [Mahofi.]
Mongaka, ntho ya 'Public Liability Insurance', re ile ra kopa Monghadi Mac Kenzie wa DA hore a ke a ilo sheba hore na boleng bona ba 'Public Liability Insurance' bo bokae? Na batho bana ba llang hakanakana ka hore tjhelete e ngata, na ke tjhelete e kae? O ile a re etsetsa diphuputso tseno are tlela le dintlha, a fihla a re bontsha hore tjhe ha ho letho moo.
Haeba lebala la dipapadi le tletse batho ba 9 000, o patala dikete tse 10, empa maphelo a batho ka nako eo ho ka bang le tsitsipano le koduwa ho sebediswa tjhelete e fetang dikete tseo tse leshome tsa diranta. Re ile ra iphumana re tlamehile ho amohela hore 'Public Liability Insurance' ena jwalo kaha e le teng mane dikoloing tsa baeti le mona ho rona ha e be teng hore batho ba rona ba yang dipapading ba kgone hore ba ilo kgatholoha, e re haeba ho ena le ntho e etsahalang re se ke ra llela ho puso hore e ba shebe, hobane hangata ha batho ba lemetse dipapading batho bare mmuso o ba shebe. Ebe bahlophisi ba dipapadi tseo bona ba kentse tsohle tsa bona pokothong, ha mmuso ona o sala o shebane le koduwa ena, mmoho le mahlatsipa a yona.
Mongaka, re ile ra tshwanela hore re bue ka ditaba tsena tsa 'Religion', dikereke moruti jwalo kaha moruti e le motho wa kereke. Re ile ra fihlela taba ya hore hare fihla mane re sheba dintho tseo batho ba neng ba bua ka tsona mane FNB. Ho ile ha eba le moruti e mong ya ileng a fihla moo, eo ho thweng ha a ka o tshwara ka letsoho lena le halalelang o tla fola moruti wa ka. Yaba batho ba fihla ka bongata moo ba subuhlellana, hoseng ka hora ya bohlano kapa ya bone batho ba pele ba ile ba fihla moo hobane ba ne ba shebile letsoho lena le halalelang le reng, ha re ka le tshwara re tla fola. Batho ba bang ba ne ba e na le diabetic kapa tswekere empa ba ne ba eme moo ba lebelletse hore letsoho lena le halalelang ha le ka fihla ba le tshwara ba tla fola.
Mongaka, bothata ba taba eno ya dikereke ke hore ho ne ho se na metsi, ho se na dikoloi tsa bakudi. Ho se na dintho tseo e ka reng haeba batho bana ba ka hlahelwa ke bothata ba thuswe. Ba bang haesale ba fihla moo hoseng, ba lapile, ditswekere tsa bona di phahame, jwale re re tjhe re kopa tshwarelo moruti wa ka. Dikereke di tlamehile hore kannete di etse hore ho be le ditlhoko tsa motheo, ho be le metsi, le makoloi a bakudi haholoholo dikereke tsena tsa rona tsa Sione tse nkang dikete tsa batho ba yang Moria. Ho tlamehile hore ho be le metsi, ditsela tse hantle, ho be le moo batho ba tla kgona ho ithusa teng. Ha re ntse re tsamaya mona pela tsela re se ke ra itshirelletsa feela ka mora sefate. Ke tsona dintho tseo re buang ka tsona mona, moruti, ha rere re entse phetoho ho tsona hore kaofela ha rona re be setjhaba se lokolohileng.
Ka hoo ke batla ho leboha mekgatlo kaofela e neng e le teng moo. Ka ho qolleha mokgatlo wa DA, le wa Cope. Ha re sebetsa mmoho re ka etsa mosebetsi o makatsang. Banna bana ba mpa feela e le dingangele empa ba a tseba hore ha re sebetsa mmoho ho na le ntho eo re ka e etsang. Re sebeditse mmoho le bona mme ke ena ntho eo re e ntshitseng e ntle hakanakana eo le bona kajeno tjena ba tla kgona ho bua ka yona.
Ho ne ho e na le maqwetha bomme Mashefa moo. E hlile re ne re menamenana le bona empa re ile ra dumellana hore ntho ena e tla ba molemong wa setjhaba sa rona sa Aforika Borwa. Ka tsela e jwalo, Monghadi wa ka, ANC e tjhaela monwana tshisinyo ena ya molao. Ke lebohile. [Mahofi.] (Translation of Sesotho speech follows.)
[Mr B M KHOMPELA: Chairperson, colleagues, and special guests, let me indicate that regarding the proposal about the law that we are passing today, we went to great lengths in order to listen to people's feelings as to whether safety at the stadiums and national security is important. This became evident because of all these things that the Minister spoke about. If we recall correctly, on 13 January 1991, 42 people died at the stadium called Oppenheimer in Orkney, which is today known as James Motlatsi. One hundred and eighty people were badly injured and eight people died later at the hospital. The other disaster that the Minister is referring to is the one which happened at Ellis Park, where 43 people died. This kind of thing does not only happen in South Africa; it is an occurrence that affects the developed nations as well as the developing ones just like ours.
If you remember well this kind of thing also happened on 9 May 2001 in Ghana in the city of Accra, where disaster struck and 133 people died as a result; even in Abidjan it also happened. Not so long ago there were some tensions and clashes when we were at Newlands. There was a soccer match between Kaizer Chiefs and Ajax and we saw some people pulling out seats when one of the teams lost.
We saw people pulling out seats and destroying property. But what the previous Cabinet did was to try and find out what the real causes of people dying in large numbers at sporting events and other entertainment events were. Therefore Mr Mbeki's Cabinet asked that one of the well-known judges, who is Mr Ngoepe, be the one to head this commission of inquiry.
What Mr Ngoepe discovered led to the development of this legislation, because at Ellis Park tickets were sold at the stadium. The matter of selling tickets at the stadium on the day of the match was found to have been the cause, because at the one entrance people were being admitted into the stadium, while at the other entrance tickets were being sold. Therefore as soon as one of the teams scored a goal the ones who were queueing up to buy tickets would start pushing and breaking things so that they could get in to see which team had scored. This issue was found to be critical at Ellis Park and was found to be the leading cause.
The new legislation says no tickets may be sold on the day of the event. If tickets have to be sold they should be sold 1 kilometre away from the location of the event, the reason being that once you have bought your ticket about a kilometre away, you must walk some distance in order to get into the stadium. But generally, tickets must be bought a day before the sporting event.
We must not admit spectators into the stadium on one side while on the other they are busy buying tickets, which ends up causing a stampede when people rush in when a goal is scored. The agreement that was reached was that the distance of one kilometre away from the stadium is the right distance. When you have bought your ticket, you will walk a kilometre, ticket in hand, only if you have bought a ticket for the day's event.
When we got to Ellis Park one of the findings by the judge, Minister of Sport Rev Makhenkhesi, was that there was a problem of people parking their cars in the middle of the road, which made it difficult for police and emergency vehicles to get into the stadium. These people who own 4x4 vehicles parked them in the middle of the road and as such prohibited the movement of other people.
Things got to the point where the police had to use a helicopter from Brixton which had to carry them and drop them down by rope in order for them to be able to help the people inside the stadium. The reason for that was that the helicopter was supposed to sit on the helipad where those people parked their cars; I mean where the helicopter is supposed to be parked.
Therefore this legislation states that if people park in the middle of the road, and especially if they park in a place reserved for emergency vehicles or helicopters, we have the right to ask the police to impound such vehicles and their owners should pay a fine should there be people who lose their lives as a result of people causing obstruction to giving aid in a disaster situation.
We really encourage such action to be taken and we even call it "the Schfer clause". There used to be a lady from the Democratic Alliance who was called Mrs Schfer, and she used to advocate drastic measures to be taken against individuals who do as they please by blocking the way and thus hindering access to giving aid to save lives.
This legislation is trying to bring a friendly atmosphere at the stadiums, and to even discourage people such as Piet van Zyl - the man who jumped onto the field during a rugby match in KwaZulu-Natal, chased the referee and broke his arm.
Such things must be discouraged, as well as people who engage in such behaviour when drunk. The so-called crazy spectators should be totally banned from attending sporting events if they are capable of such behaviour because they are not there to enjoy themselves, but they are there to spoil the fun. They are killjoys. This legislation speaks to such killjoys.
Chairperson, there's an important issue that has been mentioned about the fact that when people are in the suite section of the stadium and enjoying themselves there is a lot of alcohol that is consumed. Therefore this legislation says that if they are attending a sporting event why then are they given so much alcohol that they end up being unable to walk? When they go home and they come across the police who stop them they say that they were given alcohol at the stadium.
This legislation states that there will be a system by which spectators will be allowed to have their drinks. During the interval drinks will be served and when the match is over there will be no drinks that will be served there.
Those who want alcohol will have to get into their cars and go home and will not be given any drinks at the match so that they are not arrested on their way home, where they will say they are from the match and were given something that made them unstable because they drank too much. This legislation is trying to avoid such things.
Another important issue that this legislation is addressing is that if people have problems with any sections of this legislation that is passed today, there is something called the appeal board. We spoke about the appeal board, Minister, and that it should have four members and three of them will be chosen by the Minister himself. We have proposed, Minister, that the three should come from you; the chairperson and deputy chairperson and one other person who has the relevant experience in accordance with what you want to be achieved in relation to the appeal board.
One other thing that we found, sir, about this legislation is that it says that our people who have studied law should have five years', experience. However, we reduced the number of years because we in the ANC are applying what is called transformation. We say that this person studied for many years and is now an advocate, why is it then that when he becomes a member of the appeal board he is expected to have five years' experience when he has just graduated and has not even started working?
In that regard we proposed that we reduce the number of years so that black graduates would not be denied the opportunity by that requirement for them to come in and learn and get experience. This is so that one day they can reach the same levels as the others. Therefore, we reduced the number of years to two years in order that our children would be able to reach that level. [Applause.]
Sir, in relation to the issue of public liability insurance we asked Mr Mac Kenzie of the DA to assess the cost of the public liability insurance. Why is it that all these people are complaining about the amount? How much is it? He did some research for us and brought us the facts and informed us that it really does not cost much.
If the stadium is full, with a crowd of about 9 000, you pay for 10 000, but in the event of a disaster a lot more money is used than the 10 000.
We had to agree that just as the public liability insurance is made available for vehicles belonging to tourists, it must also be made available to our people when they go to sporting events to enjoy themselves so that should something happen they don't complain that the government does not care about them, because quite often when people get injured at sporting events they expect the government to look after them. Yet the organisers of the sporting event don't spend anything. The government is left to deal with the disaster and its victims. Sir, we had to talk about issues of religion; I mean churches, because you are also a pastor. We came to the point where we had to look into the issues that the people were talking about at the FNB Stadium. There was a certain pastor who came there and it was claimed that when he touched people with his holy hands they were cured. As a result, a lot of people rushed there early in the morning - around four or five - hoping to have these holy hands laid on them as it was claimed that if they touched them they would be cured. Some of the people who were diabetic waited there hoping that if they could touch those holy hands they would be cured.
Sir, the problem with the issue of churches is that there was no water and there were no emergency vehicles. There was nothing that could be used to help these people should they experience any problems. Some of them had since arrived in the morning, they were hungry and their sugar levels had risen. Therefore we are sorry, sir, but we would like to say that churches must have basic facilities. There should be water as well as emergency vehicles, especially with some of our churches like the Zion Christian Church, ZCC, which organises pilgrimages to Moria. There must be water, proper roads and bathroom facilities where people can relieve themselves. We should not have to hide behind a tree to relieve ourselves. These are the kind of things we are talking about here, Reverend, so that we can say that we made all the necessary changes in order for us to be a free nation.
Therefore I would like to thank all the organisations that were present, namely the DA and Cope. If we work together we can do amazing things. These men are just stubborn but they know that when we work together there is something that we can do. We worked harmoniously together and here is something that we produced which is so beautiful and which even they can also be proud of.
Also present there were attorneys such as Mrs Mashefa. We had some really intensive arguments with them but in the end we all agreed that this legislation will be in the best interests of our country, South Africa. Therefore, sir, the ANC supports the Bill. Thank you. [Applause.]]