Motsamaisi wa dipuisano, ke dumedisa Modulasetulo, Letona le Motlatsaletona, ditho tsa Komiti ya Bonono le Setso, ditho tsa Lekgotla la Ketsamolao tse teng mona, le setjhaba ka kakaretso. Ke a le dumedisa ka Letsatsi lena la bohlokwa, Letsatsi la ho tswalwa ha morena wa Basotho, Motlotlehi Letsie III. [Lehofi.]
Tlaleho ya tekolo ya Khomishene ya Moralo ya Naha e bontshitse hore Maafrika Borwa a hlolehile ho dumellana le dipehelo ka kakaretso tse ba hlalosang e le setjhaba. Bakeng sa ho hlalosa sena ke kopa o ntumelle ho arolelana le Ntlo ka seo nkileng ka kopana le sona.
Ha ke ne ke tsamaya ka koloi motseng wa baahi ba merabe e fapaneng ke ile ka hlokomela bana ba babedi ba dilemo tse ka bang supa, ba bapala ka jareteng. E mong e ne e le wa motho e motsho, ha e mong e ne e le wa motho e mosweu. Ka thoko ka mane ho ne ho ena le e mong, ya ntseng a le dilemong tsa bona, e le ngwana wa motho e mosweu, a dutse a le mong mme a leka ho ithabisa ka ntho e siyo.
Ka thahasello e kgolo, ka botsa hore na hobaneng ha enwa a sa bapale le bana ba bang. Ngwana wa motho e mosweu o ile a nkaraba pele mme a re ba lekile ho mmitsa hore a tlo bapala le bona, feela ngwana enwa wa motho e mosweu a be a re o na le bothata ba hore a tlo bapala le bana ba batho ba batsho.
Mohlala ona o bontsha hore ho na le bothata bo tebileng setjhabeng. Sena se netefatsa hore boitshwaro ka malapeng bo na le seabo sa bohlokwa ntshetsopeleng ya bana le kamoo ho hlokehang hore ba be ka teng bophelong. Mohlala ona o boela o bontsha hore ngwana enwa o tswa lelapeng le sa ikamahanyeng le dinako; lelapa la habo le sa phela mehleng ya kgale. Ho na le malapa a mangata a hananang le diphetoho le a hlokang botho. Nakong ya Seboka sa 53 sa Naha sa ANC kwana Mangaung, ANC e ile ya hlokomela hore ho na le kgatelopele e kgolo e entsweng ho netefatsa hore ho na le tlhomphano ya ditso tse fapaneng. Leha ho le jwalo, ho ntse ho ena le kgaello ya kutlwisiso e ka sitisang tlhompho ya ditso tse ding. Lefapha la Bonono le Setso le ikemiseditse ho etsa hore Afrika Borwa e be naha ya setjhaba se momahaneng. (Translation of Sesotho paragraphs follows.)
[Ms S P TSOLELI: Madam Speaker, Minister and Deputy Minister, members of the Committee on Arts and Culture, members of the National Assembly present here today, and the public in general, I greet you all. I greet you on this important day, which is the birthday of the king of the Basotho, His Majesty King Letsie III. [Applause.]
The diagonistic report of the National Planning Commission showed that South Africans are still unable to agree on the terms that define them as a nation. In order to explain this, please allow me to share my personal experience with this House.
One day as I was driving through a multiracial surburb I noticed two children, around the ages of seven, playing in the yard. One of them was black and the other white. There was another white child nearby who was around the same age, who was sitting alone, trying to entertain himself with nothing. Eagerly, I asked them why they were not playing with the other child. The white child responded firstly and said that they had tried to invite him, but this white child had said that he had a problem playing with black children.
This example shows a deep seated problem within our society. It confirms that family values play an important role in the development of children and on how they are supposed to conduct themselves in life. This example also shows that this child comes from a family that has not moved with times; his family still lives in the past. There are many families who refuse change and who still have no humanity.
During its 53rd National Conference in Mangaung, the ANC noted that there was a lot of progress that had been made in ensuring that there was respect amongst different cultures. However, there is still lack of understanding and respect for each other's cultures. The Department of Arts and Culture aims to make South Africa a united country.]
South Africa has the largest number of museums in Africa. Over 10% of the museums in Africa are in South Africa. As far back as 1825, the first South African museum was established here in Cape Town, the SA Museum, currently part of the Iziko Museums of South Africa. It depicted Africans as animals, hence they were put in the same displays with animal exhibitions. As a result, most of the museums that were established before 1994 celebrated the colonial heritage. The department has, however, facilitated a process of transformation so that these museums also reflect a holistic and correct version of history.
Heritage plays a pivotal role in the shaping of identities within society. It is against this background that when the ANC government was given a mandate to move South Africa forward, it started the process of building new museums that would assist in forging the new South African identity.
Since 1997, this department has been involved in the establishment of the following heritage projects: Women's Monument, Luthuli Museum, Ncome Museum, Samora Machel project, Nelson Mandela Museum, and many others. The department will continue to develop more legacy projects as the process of transforming heritage is an ongoing project, not an event. These projects do not only deal with historical transformation, because the department develops them in such a way that they become a stimulus for economic development and job creation.
Mmotlolo ya lefatshe ya tlhahiso e a fetoha. Le ha dilemong tse leshome tse fetileng diminerale le tlhahiso ka metjhini di ngatafetse moruong, diindasteri tsa tlhahiso tse fapaneng le tsona di hlahile e le lekala le letjha ikonoming. Lefatsheng ka bophara diindasteri tsa tlhahiso di na le 'bokgoni ba tlhaho' bo ke keng ba lekangwa, bo kgonang ho arohanya ditso ka ditso ditjhabeng tse ding. Diindasteri tsa tlhahiso di hlaloswa e le:
Diketso tsa setjhaba moruong tse theilweng le ho bapiswa le boiqapelo ba motho kapa batho ba kopanyang mahlale, boiqapelo, bonono ba motheo kapa tshireletso ya ona, thuto le keteko ya setso, ho kenyelletswa le puo.
Dikarolwana tse latelang ke karolo ya indasteri ya boiqapelo: Ho rala meaho; mekgabiso ya kahare; ho betla; moralo; mekete le bohahlaud1 ba setso; difilimi; thelebishene; dingolwa le diphatlalatso; mmino; dipapadi tsa kalaneng tse bohuwang; le ho nka ditshwantsho. (Translation of Sesotho paragraphs follows.)
[The world production models are changing. While over a decade mineral resources and mechanical production have dominated the economy, creative industries have emerged as a new economic sector. All over the world the creative industries possess the "natural economic" that cannot be measured, that can foster cultural diversity. Creative industries are defined as:
Those areas of social and economic activity that are closely allied with individual or collective intellectual or artistic creativity, innovation, originality, or the preservation, teaching and celebration of cultural heritage including language.
The following subsectors form part of the creative industry: architecture, interior design, craft, design, events and cultural tourism, film and photography.]
During the 2009-2014 Medium Term Strategic Framework period, this department developed the Mzansi Golden Economy strategy, the MGE strategy. The MGE strategy positions creative industries in ways that enable them to take advantage of the business environment in order to maximise their contribution to GDP and job creation. Through the MGE strategy, the department envisages establishing the National Skills Academy for the creative industries, the Cultural Observatory, the Art Bank, and many more ventures that will support creative industries in South Africa.
The ANC has committed itself to the goal of growing the economy and creating more jobs, mainly for the youth and women. The department's MGE strategy will create 16 000 jobs during the 2014-15 financial year and the target is expected to grow over the MTEF period.
Ha ke dihela dikgala ke re ANC e ikemiseditse ho phethisa kano eo e e entseng ho Maafrika Borwa ao a ntjhafaditseng thomo ya ona ka la 7 Motsheanong 2014. Lefapha la Setso le Bonono le tla kenya tshebetsong mananeo a amanang le Moralo wa Ntshetsopele ya Naha, NDP, le tataiso e batsi ya Kabinete. ANC e tla tswela pele ho buella ho thehwa ha setjhaba se momahaneng sa MaAfrika Borwa se arolelanang makgabane jwalokaha ho hlahisitswe ho Molaotheo le ho NDP.
ANC e tla potlakisa mananeo a shebaneng le ho fedisa tlhokeho ya mesebetsi, ho se lekalekane le bofuma. Kahoo, ke mema bohle Ntlong ena, ba ntseng ba salletse morao, hoba karolo ya motjhini ona o sa emeng wa ho aha setjhaba. Mme, ke ANC e ka etellang pele letsholo lena. ANC e tshehetsa matsholo a tla ntshetsang MaAfrika Borwa pele, ebile e tshehetsa ditekanyetso tsa ditjhelete tsa lefapha lena. Ke a leboha. [Mahofi.] (Translation of Sesotho paragraphs follows.)
[In conclusion, the ANC is committed to the pledge it has made to those South Africans who renewed its mandate overwhelmingly on 7 May 2014. The Department of Arts and Culture will implement the programmes that are linked to the National Development Plan, NDP, and the key strategic advice from the cabinet. The ANC will continue to advocate for the creation of a united South African nation with shared values as envisaged by the Constitution and the NDP.
The ANC will accelerate the programmes that deal with eliminating unemployment, inequality and poverty. I therefore invite everyone in this House who might still be left behind to join the unstoppable machinery of nation building. And it is the ANC that can lead this project. The ANC supports initiatives that will move South Africans forward, and therefore supports the Budget Vote for this department. I thank you. [Applause.]]