Ho fihlela mothathing wa jwale, mabatowa a latelang a ikgethileng a moruo, a se a sisintswe: Limpopo - Messina Agro Processing and Petro Chemicals le setlamo sa Polatinamo sa Tubatsi. Leboya-Bophirima - Kgubu ya Polatinamo ya Rustenburg. Gauteng - agro-processing and Logistics mane Nasrec. Kapa Botjhabela - Coast Agro-processing. Kapa Bophirima - Atlantic Renewable Energy. Foreisetata - Harrismith, e seng QwaQwa ntate Floyd empa Harrismith hobane ha e na dithaba, e se e bile e hlwailwe. KwaZulu-Natal - Dube TradePort e hlwailwe mme e se e sebetsa. Mpumalanga - Agro Processing.