Mmuso o boela o tlameha ho ntlafatsa momahano le tlhophiso e ntle dipakeng tsa makala a mararo a mmuso ho fihlela dipehelo tsena. Ho fihlela mothathing wa hona jwale, dihlahiswa tse ngatanyana di se di reretswe phumantsho ya lapeng mme di akga meroho e makotikoting, dihlahiswa tse itseng tsa meriana, dihlahiswa tsa fenetjhara, masela, lekala la matlaalo a dieta, difuthumatsa metsi ka matla a letsatsi, fenetjhara ya dikolo le dikantoro le mehala ya motlakase le ya dikgokahanyo tsa difonofono. Hangata Basotho ba re ha ba bua ka puo eo ke kgolwang hore ba batsho boholo re a e utlwisisa, ba re: "O se ke wa lora letsatsi le tjhabile". [Ditsheho.] Ke bona eka toro e ngata kahara bana bao e leng mekga ya kganyetso [Mahofi.] Ha ba utlwisise hore na mmuso ona o eteletseng pele naha ya Aforika Borwa o fihleletse eng.