Sekoto sa bohlokwa se tsheheditseng ketsomolao ona, ke molao wa BBBEE o reretsweng ho rarolla le ho se lekane hoo e leng masalla a nako e fetileng Aforika Borwa. Leano le rarolla ho se lekalekane hona ka ho fana ka menyetla ya moruo bathong ba batsho ban eng ba kotetswe nakong e fetileng ebile ba ne ba se na le menyetla jwaloka mehleng ena. Ke hona re ipotsang kajeno hore na ebe batho ba batsho ba lebetse nalane ya bona hore nakong ya mmuso wa kgethollo [apartheid] ha ho ne ho shejwa ya mosweu le ya motsho phapang e ne e etswa ka tsela e jwang. Rona, re le Komiti ya Tshebetso, re tlameha ho etsa tekolo e hlwahlwa lefapheng lena hore le fihlele ditabatabelo tseo lefapha le ipehetseng tsona.