Modulasetulo ya kgabane, Matona a kgabane a teng kajeno le Batlatsi ba bona, Ditho tse kgabane, Bahlanka ba Lefapha ba etelletsweng pele ke Molaodi e Moholo le Molaodi ya tshwereng mokobobo, ba amehang esitana le ditheo tsa Lefapha la Kgwebisano le Indaseteri, DTI, baeti ba hlomphehang, bomme le bontate, tjhebelo pele ya nako e telele ya Aforika Borwa ke ho bopa setjhaba se lekanang. Jwalokaha e hlaloswa ke Moralo wa Ntshetsopele wa Naha,National Development Plan, NDP, le Industrial Policy Action Plan, Ipap, eitshetlehile mohopolong ona mme e thathisetsa ebile e fupere tshiya ya bohlokwa ya dintlhakemo tse radilweng ho ya kamoo di tekilweng kateng motjheng wa kgolo e ntjha. Tsena di kgonne ho etswa feela ke ANC. Ke kahoo kajeno lena re utlwang ba ka lehlakoreng lane le letona ba bua ba etsa mabinabine hore NDP, Ipap le Freedom Charter ke eng? Kaofela ditokomane tseo - ANC.
Mmuso o tlameha ho thea tsebe o be o bontshane mabaka le setjhaba ka kakaretso. Ha o ntse o hahamelletse momahanong ya maano kahare ho mafapha a mmuso, esita le ho bohle ba amanang mmoho le balekane bao re sebedisanang le bona.
Diphephetso tsa bohlokwa tsa moruo wa Aforika Borwa di amana haholo le boqhetseke ba mosebetsi, leqeeme la mesebetsi le kgaello ya bokgoni ba ho phetha mesebetsi ditheong. Ho ya ka maemo a renang mothathing wa jwale, esita le manti-a-makoma a hore ANC e se e busitse ka dilemo tse 20, jwale re tlameha ho latela motjha o hlwahlwa wa phethoho e kgolo moruong ho rarolla mathata a bofuma, ho se lekalekane le leqeeme la mosebetsi. Katoloso ya seabo moruong e bolela ntshetsopele ya maemo le mawa a thehwang tikolohong e ntle bakeng sa SMMEs, ebile e ntlafatsa qothisano ya lehlokwa ya meruo ya dibaka le ya diporofensi ho fihlela kgolo e lekanang le tlhahiso ya mesebetsi.
Modulasetulo, katoloso ya seabo ke e nngwe ya mawa a ileng a talolwa ke Moporesidente Puong ya Pulo ya Palamente. Lena ke lenaneo la boraro le leholohadi la DTI ka kabo e fetang R1 bilione bakeng sa selemo sa ditjhelete sa 2014-2015. Tjhelete ena e reretswe mesebetsi e latelang: ho fana ka tshehetso ya ntshetsopele ya dikgwebo dikoporasing ho ya ka Molao wa Dikoporasi le ho bapatsa broad-based black economic empowerment, BBBEE; matlafatso ya basadi ka Letlole la Basadi la Isivande, le fanang ka ditjhelete tse lekanang dikgwebong tsa mahaeng makaleng a fapaneng a moruo. Nako e kgolo le e nyenyane dibui di bua hore ha ho na mosebetsi o etswang mane dibakeng tsa mahae. Hona ke sesupo sa hore ha ba latele ditokomane tsa mmuso ka botlalo hore ba tle ba utlwisise hore le dibaka tsa mahae, le dibaka tse fapaneng di a kgona ho fihlellwa ke mmuso o eteletsweng pele ke