Re le mokgatlo wa ANC, re a dumela hore ho ntse ho ena le diphephetso tseo lefapha le tlamehang ho di lokisa, haholo ho dibaka tseo ho amohellwang dipenshene tsena ho tsona. Phephetso e nngwe ke eo Letona le seng le e hlalositse ya hore dibakeng tsena, ho na le batho ba hlekefetsang batho bana ba habo rona ba fumanang ditshebeletso tsena. Ebile hape puong ya hae, Letona o hlalosa hore ba tlile ho kenya tshebetsong mehato ya ho thibela bahwebi ba ditjhelete, bana ba kadimanang ka ditjhelete, hore ba se ke ba fumana monyetla wa hore ba sebedise dipenshene tsena tsa thuso. Ere re thoholetse lefapha ka poloko eo le e entseng ya R1 biliyone ha le ne le kena letsholong la ho ngodisa bauni bana ba rona hape. Ho feta moo, re tjhaela monwana leano la mmuso la ho rera ho ipatalla ditshebeletso tsena tsa thuso ka bo bona nakong e tlang, ntle le ho sebedisa dikhampani tse ikemetseng. Re na le tshepo ya hore ha mmuso o ipatalla ditjhelete tsena ka boona, batho, e leng basebetsi, ba tla kgona hore ba fumane mesebetsi e tsepameng.