Dipenshene tsena di thusa ho fedisa tlala, bofuma, le ho beha tjhelete tafoleng bakeng sa batho bohle ba fumanehileng. Tokomane ya rona ya sehlooho, eleng NDP, e bontshitse hore batho bohle ba kojwana di mahetleng, mmuso o tla etsa bonnete ba hore maphelo a bona a tla nkelwa hloohong. Ba tla hlokomeleha, ba fumane tshireletso, jwalo ka baahi ba bang ka hara naha.