Motlatsa Modulasetulo, re a leboha re le profense ya Foreistata. Re batla hore ho Ntlo e kgabane, ka nnete maitshwaro a etsuwang ke Mmuso wa Profense ya Kapa Bophirima bakeng sa baahi ba Afrika Borwa le baahi ba Kapa Bophirima ka ho qollwa, ha se maemo a matle. Re bua sena hobane matsatsing a mmalwa a fetileng re ne re keteka ditokelo tsa botho. Hona ho hlakisa ntho e le nngwe ya hore, ka hara Kapa Bophirima, ha ho na motho ya nang le ditokelo ha a le e motsho, empa ditokelo ke tsa bana ba nang le mmala o mosweu.
Ntho eo re e buwang ke hore: Re batla ho nka taba ena ya Khayelitsha re e kopanye le dipolao tse kileng tsa etsahala mane Langa; hore ka nnete ditshebeletso tsa Kapa Bophirima di tla dula di fuwa bana ba fellang ka hara seatla sa ka; ebile, ntho eo re tlamehileng re e buwe ho baahi ba Afrika Borwa ke hore re sebetsa ka ditletlebo kapa dikopo tsa setjhaba - tshebeletso e buwang ka maphelo a baahi ba rona, e leng batho ba re beileng ditulong kajeno.
Ho a bontsha hore ka hara Kapa Bophirima, le ba emetseng DA ka hara Ntlo ena e kgabane, ba khathalla fela divoutu tsa batho bana; ha ba ba hlomphe, ebile ha ba hlomphe le tokomane ena eo ho buuwang ka yona hona jwale. [Mahofi.] Ntho eo ba nang le kgahleho ho yona e nngwe fela: Ke divoutu tsa bona! Re batla hore ho baahi ba Langa, Khayelitsha le bohle ba Afrika Borwa ba se ke be ba lebala moo ANC e ba ntshitseng teng.
Re eme mona le bona bana ba keneng ka hare e le bo mmme; ba ne ba se na ditokelo. Ke bua jwalo hobane le yona kgwedi ena e behetswe ka thoko ka hore ...
English:
... it is an international month for women.
Sesotho:
Bomme ba ne ba se na ditokelo ka hara matlo a masweu; ba ne ba behellwa ka thoko. Re batla hore ho bona: Ba se ke ba fela pelo hobane ka tlasa puso e etelletsweng pele ke ANC ka hara Palamente, re tlo etsa bonnete ba hore Lefapha Bophelo la naha le tlo nka maemo, le a nkele hlooko. [Puo hanong.] Mme hape nnete e a baba; le ho ingwaya e lokgwekgwe. Batla dula ba entse lerata leo fela jwalo hobane ha ho na ntho eo ba ka fanang ka yona: Ha bana lenaneo la tshebetso; ntho eo ba e tsebang ke ho bua ka ANC ...
English:
... because there is nothing that they can offer to South Africans.
Sesotho:
Enwa o etswa ke hobane ke ngwana, o sa ntsane a tletse lebese ka mpeng. Ke a leboha. [Mahofi.]