Minister, of the group of learners that have enrolled for grade 12 last year, do you know how many of them have dropped out of school? I am only taking about the grade 12. If you do, have you investigated thoroughly what the root causes of the high dropout rate of them and what have you done to prevent those kids from dropping out of school? Thank you.
Sesotho:
LETONA LA THUTO YA MOTHEO: Nna ne ke re ke arabile ka Senyesemane mme kere re utlwane hore ke re, mohlomong e re ke e hlalose ka Sesotho. Nka se kgone ho tjho hore ba selemo se fitileng sa 2018 ba weleng ba wetse eng. Ke re seo re se amohelang, ke hore barutuwa ba rona ha ba fihla ho sehlopha sa borobong ho ya ho sa leshome le metso e mmedi ba wa ka bongata, haholo-holo sehlopheng sa leshome le sa leshome le motso o le mong.
Re nkile mehato e fapaneng ho ka thusa hore re bone ho re na re ka se ba tsware sistiming na. Re entse makala a mararo a thuto hobane ha se ngwana e mong le e mong a batlang ho tswela pele ka thutu ka kakaretso. Bana ba bang ba hloka hore ba ye thutong ya
mesebetsi ya setekgeniki, ba bang ba hloka ho ya thutong ya mesebetsi ka ho fapana, jwale, ke mehato e fapaneng eo re e nkileng ho bontsha hore re ka tshehetsa bana hore ba qete dikolo. Ke a leboha