Motlatsamotsamaisi wa Lekgotla, ke ema ho hlahisa tshisinyo ntle le tsebiso lebitsong la mokgatlo wa EFF:
Ho re Ntlo -
1) e hlaholla hore baahi ba motse wa Mashaeng, masepaleng wa Dihlabeng, ba na le matsatsitsatsi ba se na metsi, e tswe dipompo tsa bona di omme ngele, mme mathata ana a tlhokeho ya metsi a qadile ho tloha ka selemo sa 2012;
2) e boela e hlaholla hore le ha mmuso o re o na le 90% tsa Maafrika Borwa a nang le metsi a hlwekileng, baahi ba Mashaeng ha ba na le letho, e tswe bosiu le motshehare metsi a a kwalwa mme baahi ba hloke ho itlhatswa le ho phetha mabaka a itseng ka metsi;
3) e ellelwa hore baahi ba Mashaeng, jwalo ka ha ba timelwa metsi, baahisane ba bona ba motse wa sekgoweng, Fouriesburg, ha ba sitwe ho fumana metsi ha baahisane ba bona ba sitwa ho fuwa metsi ke Masepala wa Dihlabeng;
4) e boetse ya elellwa hore metsi ke bophelo mme moahi e mong le mong o lokela ke hore a fuwe metsi jwalekaha mmuso o tshepisa hore ke mmuso o sebeletsang baahi; 5) e ipeletsa ho Lefapha la Nehelano ya Metsi le Tlhwekiso ya Dikgwerekgwere le tse ding ho netefatsa hore baahi ba Mashaeng ba fuwa metsi, seriti sa bona se tle se kgone ho kgutlisetswa ho bona.
Ke sisinya jwalo!
E dumelletswe. (Translation of Sesotho draft resolution follows.)